1 Yaba Jonase o rapela Jehova, Modimo wa hae, a le ka mpeng ya hlapi,
1 Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,
O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.
Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;
O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!
O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.
Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.
Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.
E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.