Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme Modimo Jehova a medisa monyaku, wa hola, wa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ya hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:6
11 Referencias Cruzadas  

Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai.


Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.


lona le thabelang tsa lefeela, le reng: Na hase ka matla a rona re ikentseng dinatla na?


Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse.


Mme Jonase a thaba haholo ka baka la monyaku oo. Empa hosasane, ha ho esa, Modimo wa hlahisa seboko, sa phunya monyaku, wa ba wa omella.


Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.


ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be jwaloka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be jwaloka hoja ba sa rua letho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos