Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:6 - BIBELE

6 Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme Modimo Jehova a medisa monyaku, wa hola, wa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ya hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:6
11 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo.


a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso;


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?”


Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse.


Empa ka le hlahlamang, e sa le kameso, Modimo a romela seboko se ileng sa eja moko wa sefate seo, yaba se a pona.


Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”


ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos