Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:5 - BIBELE

5 Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:5
10 Referencias Cruzadas  

Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”


Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”


Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.


Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”


Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos