Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:16
19 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.


Ka baka leo, batho ba tshwanetse ho hlonepha Modimo; haele wona, ha o tadime le a mong ho ba bohlale.


Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.


ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.


O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!


Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng.


Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse.


Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng.


O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.


Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.


Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Leha o ka nthibela, nke ke ka ja dijo tsa hao; leha o ka etsa setjheso, se etsetse Jehova. Hobane Manowa o ne a sa tsebe hoba ke lengeloi la Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos