Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:16 - BIBELE

16 Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:16
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara,


Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.


Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.


Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”


Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo.


Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae.


Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.


Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. Ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse.


Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.”


O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung.


Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo.


Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos