15 Yaba ba kakasa Jonase, ba mo akgela lewatleng, mme maqhuba a kokobela.
15 Yaba ba nka Jonase, ba mo lahlela lewatleng, mme lewatle la lesa ho halefa.
Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.
A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa.
Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;
Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao.
Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”
A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!
Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!” A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso.