Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:14 - BIBELE

14 Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:14
15 Referencias Cruzadas  

“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona.


Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.


Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Leha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho sokela sekepe lebopong, empa ba sitwa, hobane lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.


Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng.


Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.


Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.


E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.


Oho, Morena, ako tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng. O se ke wa jarisa setjhaba sa hao sa Iseraele molato wa ho tsholla madi a se nang molato.’ Ba tla tshwarelwa molato wa ho tsholla madi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos