Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:14
15 Referencias Cruzadas  

Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona.


Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.


Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.


Leha ho le jwalo, banna bao ba soka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong, ba mpa ba sitwa, hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho ba halefela.


Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.


Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo.


batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.


E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


Oho Jehova, o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng, mme o se ke wa balla setjhaba sa hao sa Iseraele madi a se nang molato. Mme ba tla leselwa molato wa madi ao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos