Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.
Joele 3:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Juda o tla hlola ka ho sa yeng kae, le Jerusalema, ho isa melokong ya meloko. BIBELE Naha ya Juda e tla ba le baahi kamehla yohle, Jerusalema e be le baahi ba meloko yohle. |
Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.
Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.
Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.