Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:19
19 Referencias Cruzadas  

Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.


Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.


Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta le Assiria, ke ba phuthe, ke ba tlise naheng ya Gileade le Lebanone, mme sebaka se ke ke sa ba lekana.


Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos