Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.
Joele 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona. BIBELE Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo. |
Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.
Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.
Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.
Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.
ke tla atisa ditholwana tsa difate, le se melang masimong, hore le se ke la hlola le jara sekgobo sa tlala hara ditjhaba.
ba tla re: Lefatshe leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tshimo ya Edene; metse eno, e neng e timeditswe, e entsweng dithako, e heleditsweng, e fetohile diqhobosheane, e ahilwe.
Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.
Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!
Mehleng eo, ha ho tluwa setheng sa mangata a neng a ka tswa ditekanyo tsa koro tse mashome a mabedi, ho ne ho fumanwa tse leshome feela: kapa ha ho tluwa sehatelong sa veine ho kga ditekanyo tse mashome a mahlano, ho ne ho fumanwa tse mashome a mabedi feela,
Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.
Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.