Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:12
39 Referencias Cruzadas  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Modimo o ke o o fe phoka ya lehodimo le lefura la lefatshe, le nala ya koro le ya veine!


Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Dithaba di tla tlisetsa setjhaba kgotso, le wona maralla ka baka la ho loka ha hae.


Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ya rona e ntshe ditholwana tsa yona.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.


Bakeng sa maswabi ao le bileng le wona, le tla sitswa habedi; bakeng sa nyatso, ba tla thabela kabelo ya bona; hobane ba tla abelwa habedi naheng ya bona, mme ba tla nne ba thabe ka ho sa feleng.


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Ha ba sa tla rusollwa ke ditjhaba; dilalome tsa naha ha di sa tla ba ja, ba mpa ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ya ba tshosang.


Ke tla tlisa batho ho lona, e leng ho re setjhaba sa ka sa Iseraele. Ba tla o rua, o tla ba lefa la bona, mme ha o sa tla ba tima bana.


ke tla atisa ditholwana tsa difate, le se melang masimong, hore le se ke la hlola le jara sekgobo sa tlala hara ditjhaba.


Bonang, ke fela ke ya tla ho lona, ke retelehele ho lona; le tla lengwa, le be le jalwe.


Ka baka leo, ba tla ba jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoko e tlohang kapele, jwaloka mooko o fefolang seotlong, le jwaloka mosi ha o fefolwa, o etswa ka lesoba le leifo.


Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.


Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.


Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.


Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,


Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!


Ke ka baka leo, lehodimo le hanneng le phoka hodima lona, mme lefatshe le hanneng le ho beha ha lona,


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Leha taba eo e ka ba thata mahlong a masala a setjhaba sena, matsatsing ao, na le mahlong a ka e ka ba thata, ho botsa Jehova wa makgotla?


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,


Thuto ya ka e tla rotha jwaloka pula; dipolelo tsa ka di tla qhitsa jwaloka phoka, di be jwaloka pula e tshesane e kolobisang jwang bo botjha, le jwaloka marothodi a nelang jwang.


Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo;


Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.


Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos