Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:11
17 Referencias Cruzadas  

le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.


O medisetsa makgomo jwang, o nea batho dimela tse ba lokelang; o ntsha bohobe bolemeng ba mobu,


Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Yaba Sankeribe, morena wa Assiria, o tloha, a ikela, a kgutlela hae, a ya dula Ninive.


Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.


Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.


Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.


Jehova a re: Wena, o qenehetse monyaku oo o sa kang wa o kgathalla, leha e le ho o medisa, o itlhahetseng ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong!


Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?


Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos