Joele 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lla, wena lefatshe, jwaloka morwetsana ya itlamileng ka lesela le mahwashe, ka baka la ya neng a tla mo nyala botjheng ba hae. BIBELE Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka. |
Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.
Tsohang, baiketli! Thothomelang, baitshepi! Lahlang dikobo tsa lona, le hlobole, le itlame matheka ka lesela le mahwashe!
Ditsela tsa Sione di ntse di lla, hobane ha ho sa le ba yang meketeng; menyako yohle ya hae e senyehile, baprista ba hae ba fehelwa, barwetsana ba hae ba swabile; a mahlomoleng a maholo.
Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.
Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.
Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo.