Jobo 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete. BIBELE Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe. |
Hobane ha o batle nako e telele ho tseba motho ya tshwanetseng ho hlaha kahlolong pela wona.
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobedi, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho.
Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.
Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.
Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?
Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.