Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ke mang ya ka tsekisanang le nna? Ha a le teng ke tla kgutsa, ke itjhwelle.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 13:19
13 Referencias Cruzadas  

Matsoho a hao a mpopile, a mphethisitse kahohle: athe o rata ho mpshatla!


Kgutsang, le ntese ke bue; nke ke hlahelwe ke seo nka hlahelwang ke sona.


Feela, o ntshitse ka ntho tse pedi, etlaba ke moo nke keng ka pata sefahleho sa ka pela hao.


Ha le fela le ikgodisa ka nna, mme le dihela ho nna molato wa dihlong tseo ke dutseng ho tsona,


Ha o ena le pelaelo, o nkarabe; bua, hobane ke rata ho o lokafatsa!


Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.


Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.


Bonang, Morena Jehova ke thuso ya ka. Ke tla tsuwa ke mang? Bonang, ba tla fela bohle jwaloka seaparo se maharaswa, ba tla jewa ke tshwele.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Bao Modimo o ikgethetseng bona, ke mang ya tla ba bea molato na? Modimo ke wona o ba beang ba lokileng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos