Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?
Jobo 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na? BIBELE Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka? |
Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?
Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.
Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?
Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang.
Tjhe! Modimo o ke ke wa utlwa dithapelo tsa lefeela, Ya matla wohle a ke ke a di ela hloko.
Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.
Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.
Ke hona moo le reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Mamelang jwale, lona ba ntlo ya Iseraele! Na ke tsela ya ka e sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang na?
Empa bana ba letjhaba la heno ba re: Tsela ya Morena ha e a loka; athe e sa lokang ke tsela ya bona.
Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.
Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.
Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,
Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.
Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!
Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.