5 Hobane Jobo o itse: Ke lokile, mme Modimo o nkamohile toka ya ka;
5 “Jobo o re: ‘Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka.
Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.
O re: Seo ke se bolelang ke nnete, mme ke hlwekile pela hao!
Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.
Leha ho le jwalo, ha ke pate letho le sa lokang letsohong la ka, thapelo ya ka e hlwekile.
Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang.
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;
Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.
Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;
A re batleng se lokileng, re boneng hammoho se leng molemo!
Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.
Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na?
wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!
Na keng Jakobo, ha o bolela, le wena Iseraele, ha o re: Tsela ya ka ha e lemohuwe ke Jehova, tokelo ya ka ha e qamakwe ke Modimo wa ka?