Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Jobo 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, wa nna wa ruta batho ba bangata, wa tiisa matsoho a tepeletseng; BIBELE Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse! |
Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.
tsebe e neng e nkutlwa, e ne e re ke lehlohonolo; leihlo le neng le mpona, le ne le nthorisa.
Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.
Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.
Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,
Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella!
empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.
Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.
O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.
Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.