Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 50:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 50:4
31 Referencias Cruzadas  

lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.


Ke raka mafube, ke a howa; ke ntse ke lebeletse dipallo tsa hao.


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


Ke moo ke itseng: Bona, ke a tla, kamoo ho ngodilweng taba tsa ka kateng, mmenong wa buka.


Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.


Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella.


Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso.


Maswabi a fifatsa pelo ya motho; empa puo e molemo e a e thabisa.


Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!


Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?


Ke moo mahlo a difofu a tla tutuboloha, ditsebe tsa ba thibaneng ditsebe di bulehe.


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.


Phutha bopaki boo, o tiise thuto eo ho barutuwa ba ka.


Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.


Hobane ke tla phodisa moya o nyorilweng, moya o mong le o mong o tapileng ke o kgorise.


Ka letsatsi le leng le le leng, o tla hlabela Jehova sehlabelo sa setjheso sa konyana e se nang sekodi, e lemo se le seng; o tla se etsa ka hosasa ho hong le ho hong.


Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!


Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?


Ha ho a ka ha eba motho ya tsebileng ho mo araba letho, mme haesale mohlang oo, ha ho a ka ha hlola ho eba ya betileng pelo ho mmotsa.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?


Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.


mme Jehova a re ho nna: Seo ba se boletseng ba se buile hantle;


ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos