Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 4:3 - BIBELE

3 Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bona, wa nna wa ruta batho ba bangata, wa tiisa matsoho a tepeletseng;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 4:3
21 Referencias Cruzadas  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.


“Ya neng a nkutlwa o na mpua hantle, ya neng a mpona yena a mpakela;


Ke ne ke le mahlo a ba foufetseng, ke bile ke le maoto a ba holofetseng.


Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng.


“Ha ke bua batho ba ne ba mmamela, ba lebelle keletso ya ka ba kgutsitse.


Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela.


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela.


Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye!


empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”


Lengeloi la hlaha ho yena le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.’


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos