4 Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela.
4 lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.
“Ya neng a nkutlwa o na mpua hantle, ya neng a mpona yena a mpakela;
Ke ne ke le morena, ke ba supisa tsela, ke phela jwaloka kgosi hara mabotho a yona, jwaloka ya tshedisang ba apereng bofifi.”
Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse!
Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama; ere e o fihlela ebe o a thethelwa!
Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.
Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
Polelo e builweng ka nako ya yona e ka apole tsa kgauta ka sejaneng sa silefera.
Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.
Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.
Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.
Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;
Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.
Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.