Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;
Jeremia 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo. BIBELE “Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya. |
Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;
Monyako wa Moitedi wona wa lokiswa ke Malkija, mora Rekabe, monga setereke sa Bethe-Hakkereme; a o haha, mme a kenya mamati a wona le dinotlolo le mekwallo.
mabapa le bona, ha lokisa ba Tekowa; empa baholo ba bona ha ba ka ba dumela ho tlatsa mosebetsing wa monga bona.
Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.
Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.
Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.
Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.
Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?
Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;
Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.
Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.