La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 51:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Wa seqha a fule ka seqha ka nqa ho ya fulang ka seqha sa hae, le ka nqa ho ya emeng a tshepile tshireletso ya hae; le se ke la qenehela ba batjha ba hae, le fedise makgotla a hae kaofela.

Ver Capítulo

BIBELE

Wa seqha o tla hloka nako ya ho fula ka seqha, a hloke le nako ya ho apara tsa ntwa. Le se qenehele batjha ba Babilona, mabotho wohle a Babilona le a timetse!

Ver Capítulo



Jeremia 51:3
12 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng!


Bofang dipere, mme le kallise bapalami; emang ka diheleme, leotsang marumo, le apare kobo ya tshepe.


Emang pela Babilona ka ntwa, le mo teele hare, lona ba fulang ka seqha; mmetseng, le se ke la timana metsu, hobane o hlile o sitetswe Jehova.


Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Kantle, lerumo le tla bolaya, ka tlung tshoho e tla ba teng; e tla nka mohlankana le morwetsana, lesea le anyang le motho e moputswa.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.