Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 50:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Futuhelang naha ya Merataime, le futuhele le baahi ba Pekode. Ba phaladiseng, le ba bolaye, le be le ba timetse ho hang,” ho rialo Morena. “Taelo tsa ka tsohle le di phethahatse.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 50:21
17 Referencias Cruzadas  

Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.


Ke nna, ke nna ya boletseng, ke nna ke mmitsitseng; ka mo lata, mme o tla atleha tseleng ya hae.


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos