Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 46:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bofang dipere, mme le kallise bapalami; emang ka diheleme, leotsang marumo, le apare kobo ya tshepe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Qhanehang dipere le di palame! Theang theko le rwetse katiba tsa ntwa! Tshotsang marumo, le apare tsa ntwa!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 46:4
11 Referencias Cruzadas  

Osiase o ne a lokiseditse makgotla dithebe, le marumo, le diheleme, le ditshireletso tsa difuba, le diqha le matjeketjane.


Ho tloha tsatsing leo, ba bang ba bahlanka ba ka ba nna ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tshwere marumo, le dithebe, le diqha, le ditshireletso tsa sefuba; balaodi bona ba ne ba eme kamora bohle ba ntlo ya Juda.


Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Wa seqha a fule ka seqha ka nqa ho ya fulang ka seqha sa hae, le ka nqa ho ya emeng a tshepile tshireletso ya hae; le se ke la qenehela ba batjha ba hae, le fedise makgotla a hae kaofela.


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!


Saule a apesa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa, a mo rwesa heleme ya koporo hloohong, a mo apesa le seaparo sa tshepe.


O ne a rwetse heleme ya koporo hloohong, a apere seaparo sa maqephe a koporo, boima ba seaparo seo e le kete tse hlano tsa dishekele tsa koporo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos