Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke tla neela Babilona matsohong a baditjhaba, ba tla mo hlokola, ba kgohose lefatshe, le be feela; hobane ba tla mo teela hare ka nqa tsohle, tsatsing la tlokotsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke tla romela baditjhaba naheng ya Babilona, ho ya e hlokola ba e siya e le feela: Mohla tsatsi la koduwa ya Babilona, ba tla e futuhela ba e hlahile kahohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:2
9 Referencias Cruzadas  

O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Ke ba olosa ka seoloso dikgorong tsa naha, ke timetsa ba batjha ba setjhaba sa ka, le sona ke a se fedisa, hobane ha se bakele mekgwa ya sona.


Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.


Ho ya tetema moikgohomosi, o tla wa, ha ho motho ya tla mo tsosa, mme ke tla besa mollo metseng ya hae, o tle o fedise mathoko a hae kaofela.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos