ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?
Jeremia 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke dipere tse kgotsheng, tse mathang kahohle; e mong le e mong o llela mosadi wa molekane wa hae. BIBELE Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong. |
ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?
Ha ekaba pelo ya ka e kile ya thetswa ke mosadi, kapa ha nkile ka lalla monyako wa eo ke ahisaneng le yena,
O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.
Ho dutse jwalo le ya yang ho mosadi wa wa habo; ya mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.
Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!
Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.
Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.
Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.
Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.
ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.
U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.