Jeremia 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng. BIBELE Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa; |
ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.
Le itjallele ho loka, le tle le kotule mohau; le itemele thite e ntjha; hobane ke nako ya ho batla Jehova, a tle a be a tle, a le nesetse ho loka.
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ha e hola, ya di pupetsa, tsa sitwa ho beha dijo.
Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.