Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.
Jeremia 32:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda; BIBELE Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda. |
Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.
Palale, mora Usai, yena a qala mabapa le kou le tora e hlahelang kantle pela ntlo e phahameng ya morena, e okametseng lebala la teronko.
O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.
moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;
Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.
Lentswe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, ha a ntse a kwaletswe lebaleng la teronko, la re:
Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re:
Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.
Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.
Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.
Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.
Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.