Jeremia 34:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re: Ver CapítuloBIBELE1 Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re: Ver Capítulo |
seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.
ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.