Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Sedekiya, kgosi ya Juda, o na mo kwaletse, a re: “Ke ka baka lang ha o porofeta, o re: ‘Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o hapa?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:3
23 Referencias Cruzadas  

Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.


Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Yaba Jeremia o ba bolella, a re: Le ke le arabele Tsedekia, le re:


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.


Mme bakeng sa Jojakime, morena wa Juda, o bolele, o re: Ho itswe ke Jehova: O tjhesitse maqephe ao a lengolo, wa re: O ngoletseng ho wona taba e reng: Kannete ho tla tla morena wa Babilona, a senye lefatshe lena, a le hlokise motho leha e le kgomo?


Ke ha Jeremia a ne a ntse a kena, a etswa hara setjhaba, a eso ho kenngwe teronkong.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Ho itswe ke Jehova: Motse ona o tla neelwa ruri matleng a makgotla a morena wa Babilona, mme o tla o kena.


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Yaba Ebede-Meleke o tswa tlung ya morena, a ya bua le morena, a re:


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


ba bua le yena, ba re: Ako re bolelle matla ao o etsang ntho tseo ka wona, le hoba ya o fileng matla ao ke mang na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos