Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 36:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jeremia a laela Baruke, a re: Nna ke a sitwa, nke ke ka ya tlung ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:5
15 Referencias Cruzadas  

Jwale, ka kena tlung ya Shemaia, mora Delaia, mora Mehetabeele; o ne a ikwaletse kateng. A re ho nna: A re phutheheleng tlung ya Modimo, kahare ho tempele, mme re kwale mamati a tempele; hobane ba ya tla o bolaya; bosiung bona bona ba ya tla o bolaya.


O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.


Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.


ka nea lengolo la theko ho Baruke, mora Neria, mora Mahaseia, pontsheng ya Hanameele, ngwana rangwane, le pontsheng ya dipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontsheng ya Bajuda kaofela ba neng ba dutse lebaleng la teronko.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Lentswe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, ha a ntse a kwaletswe lebaleng la teronko, la re:


Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.


Jeremia a nna a dula lebaleng la ntlo ya teronko, ho fihlela tsatsi leo Jerusalema a kenwang ka lona; o ne a ntse a le teng, ha Jerusalema a kenwa.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,


eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.


e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos