Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 36:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:6
13 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Yaba Jeremia o kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo rometse teng ho porofeta; a tla a ema lebaleng la ntlo ya Jehova, a re ho setjhaba kaofela:


o re: Mamela lentswe la Jehova, wena morena wa Juda, ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, bao le kenang ka menyako ena.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos