Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 36:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:4
22 Referencias Cruzadas  

Eya jwale, taba tseo o di ngole hodima lematjana pela bona, o di ngole bukeng, di tle di bolokelwe mehla e tlang ho tla, e be pontsho ka ho sa yeng kae.


Jehova a re ho nna: Nka lematjana le sephara, o ngole teng ka diletere tse bonahalang, o re: Ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang.


Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ngola mantswe wohle ao ke o bolellang wona bukeng e nngwe.


ka nea lengolo la theko ho Baruke, mora Neria, mora Mahaseia, pontsheng ya Hanameele, ngwana rangwane, le pontsheng ya dipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontsheng ya Bajuda kaofela ba neng ba dutse lebaleng la teronko.


Baholo bohle ba roma Jehudi, mora Nethania, mora Shelemia, mora Kushi, ho Baruke, ka ho re: O inkele matsohong a hao maqephe ao o badileng ho wona, pontsheng ya setjhaba, mme o tle kwano. Yaba Baruke, mora Neria, o inkela maqephe letsohong la hae, a ya ho bona.


Yaba morena o roma Jehudi ho lata maqephe a lengolo, a a nka ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme Jehudi a bala ditsebeng tsa morena le ditsebeng tsa baholo ba emeng pela morena.


Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha morena a setse a tjhesitse maqephe a lengolo le nang le mangtswe ao Baruke a neng a a ngodile ka molomo wa Jeremia, le re:


O boele o inkele maqephe a mang, o ngole ho wona mantswe kaofela a pele, a neng a le teng maqepheng a pele a tjhesitsweng ke Jojakime, morena wa Juda.


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.


O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona.


Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.


Jeremia a ngola bukeng e nngwe bobe kaofela bo neng bo tla tlela Babilona, e leng mantswe kaofela ao a ngodilweng bakeng sa Babilona.


Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.


Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme hang ha hlaha lengolo le phutholotsweng, le fofang.


Nna, Tertiuse, mongodi wa lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos