Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.
Jeremia 26:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng. BIBELE “Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela. |
Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.
Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.
Yaba Jeremia o kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo rometse teng ho porofeta; a tla a ema lebaleng la ntlo ya Jehova, a re ho setjhaba kaofela:
Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?
Yaba moporofeta Jeremia o fetola Hanania moporofeta, pontsheng ya baprista le pontsheng ya setjhaba kaofela se emeng ka tlung ya Jehova;
Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.
Yaba moporofeta Jeremia o ba bolella, a re: Ke a utlwa; bonang, ke tla le rapella ho Jehova, Modimo wa lona, ka mantswe a lona, mme ke tla le tsebisa lentswe le leng le le leng leo Jehova a tla le araba ka lona; nke ke ka le lobela letho.
Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.
O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.
A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.
Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.
Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.
Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.
Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.
le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;
Ke ha ho fihla e mong, a ba tsebisa, a re: Banna bao le ba kentseng teronkong, ke bane, ba eme tempeleng, ba ruta setjhaba.
Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.
Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.
Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.
Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.
Ha ho a ka ha eba taba le e nngwe ya tseo Moshe a di laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pela phutheho yohle ya Iseraele, ho bile ho na le basadi, le bana ba banyenyane, le baditjhaba ba tsamayang le bona.
Mme ekare ha e mong a tlosa ho hong dipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae sefateng sa bophelo le motseng o halalelang tse ngodilweng bukeng ena.