Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 A ruta ka matsatsi wohle tempeleng. Empa baprista ba baholo le bangodi le baholo ba setjhaba ba batla ho mo timetsa;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 A ruta ka matsatsi wohle tempeleng. Empa baprista ba baholo le bangodi le baholo ba setjhaba ba batla ho mo timetsa;

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:47
17 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!


Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.


Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.


Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.


Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.


Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.


Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos