Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.
Jeremia 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lona mahodimo, hlong le makale ka taba eo, le thothomele, le omelle hampe: ho bolela Jehova! BIBELE Lona mahodimo tsotang, le makalle sena, le thothomele, le tshabe haholo,” ho rialo Morena. |
Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.
Emang, le makale; tutubalang, le foufale! Ba tahilwe, empa e seng ke veine; ba thekesela, empa e seng hoba ba hlotswe ke jwala.
Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.
Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.
Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.
Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:
Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.