Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 18:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Lona botsisisang hara baditjhaba: Ya kileng a utlwa tse kang tsee ke mang? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 18:13
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


Ke mang ya utlwileng taba e jwalo? Ke mang ya boneng e tshwanang le yona? Na naha e ka tswalwa ka tsatsi le le leng, kapa setjhaba se ka tswalwa hang na, haele mona Sione a tswala bana ba hae kapele a sa qala ho utlwa bohloko na?


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Ke tla be ke o hahe; o tla be o hahuwe, morwetsana wa Iseraele; o sa tla be o itlhophe ka meropa ya hao, o tla tswa o tsamaye diemeng tsa ba nyakallang.


Ho ntse ho etswa ho makatsang le ho tshabehang lefatsheng lena.


Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.


Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa!


Utlwang lentswe lena leo ka lona ke le binelang mahlomola, lona ba ntlo ya Iseraele:


O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Jwale, Bafilesta ba tshaba, ba re: Modimo o tlile diahelong. Hape, ba re: Ho madimabe rona, hobane ho ne ho eso ho be taba e jwalo, le kgale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos