Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ka tadima lefatshe, mme ka le bona le se na sebopeho, le se na letho; le mahodimo ha ke a tadima, ka fumana le wona a se na leredi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:23
19 Referencias Cruzadas  

Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.


Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Lona mahodimo, hlong le makale ka taba eo, le thothomele, le omelle hampe: ho bolela Jehova!


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


O ntsamaisitse, a nkisa lefifing, e seng leseding.


Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.


Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.


Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos