Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke tadima dithaba, mme bonang, di a thothomela, marallana kaofela a tlakasela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ka tadima dithaba, ka bona di thothomela, maralla wohle le wona a sisinyeha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:24
19 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


Yaba lefatshe le a reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya keqa, ya sisinyeha, hobane a ne a halefile.


diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla.


Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha.


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Pontsheng ya ka, ho tla thothomela dihlapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le diphoofolo tsa naha, le dihahabi tsohle tse hahabang fatshe, le batho bohle ba lefatsheng; dithaba di tla heletswa, dilomo di thetehe, marako wohle a wele fatshe.


dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


O a ema, mme o thothometsa lefatshe; o a tadima, mme o tlakasedisa ditjhaba; dithaba tsa kgale di a qhalana, o pharama le maralla a boholoholo. Tsela tsa hae ke tsa boholoholo.


Lehodimo le finahana jwaloka lengolo ha le phuthwa, mme dithaba le dihlekehleke kaofela tsa suthiswa ditulong tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos