Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,
Jeremia 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hlong le fele le etele dihlekehlekeng tsa Kittime, le tadime; romelang Kedare, le lemohe hantle, le tadime ha taba e jwalo e se e kile ya eba teng. BIBELE Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng. |
Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,
Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.
Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.
Hobane Morena o itse ho nna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ya sebeletsang leruo, mme kganya yohle ya Kedare e tla fela.
Boporofeta hodima Tire: Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.
O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.
Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.
Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.
Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.
di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.
Ke kahoo Morena Jehova a reng: Erekaha le sentse ho feta ditjhaba tsa bahedene tse le teetseng hare, le sa ka la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho etsa ka ditaelo tsa ka, le ho etsa le ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare,
O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.
Hobane dikepe tsa Kittime di tla tla ho mo lwantsha, mme o tla fellwa ke pelo, a kgutlele morao. O tla halefela selekane se halalelang, o tla se lwantsha, a boele a kopanye puo le ba kwenehetseng selekane se halalelang.
Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.
Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.
Bohle ha ba bona hoo, ba re: Ho jwalo ha ho eso ho ka ho hlaha, le ho bonwa, haesale bana ba Iseraele ba nyoloha fatsheng la Egepeta, ho fihlela la kajeno. Lemohang taba eo, le rere hammoho, mme le bue.