O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.
Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re: