Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:1
32 Referencias Cruzadas  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.


O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.


Ebile ho hlomelwa Absalome tente hodima ntlo, mme Absalome a kena ho direthe tsa ntatae pontsheng ho Baiseraele bohle.


Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.


Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.


O tseba ho fumana tsela ya hao hantle hakakang ha o ipatlela dinyatsi! Ke hona o ntseng o itemaletsa mekgwa ya bolotsana.


Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.


Ha hao, ho apolwa bofeela ba motswadi; ha hao, ho betwa mosadi ya ilang;


O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.


Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.


ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.


Empa jwale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ya ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ya lakatsang leruo, leha e le ya rapelang medimo, leha e le moetselletsi, kapa letahwa, kapa leshodu; ya jwalo, le ho ja, le se no ja le yena.


Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.


Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Ha e mong a hlahisitse maswabi, ha a swabisa nna, empa ka nqa tse ding o swabisitse le lona bohle; ke rialo, ke tle ke se ke ka le imetsa.


Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.


Mme mesebetsi ya nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootswa;


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


Monna a se ke a nka mosadi wa ntatae, mme a se ke a apola kobo ya ntatae.


Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos