Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane Morena o itse ho nna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ya sebeletsang leruo, mme kganya yohle ya Kedare e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:16
11 Referencias Cruzadas  

Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,


Masika a bona ke ana: Letsibolo la Ishmaele ke Nebajothe; yaba ke Kedare, Adbeele, Mibsame,


Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Baradi ba Jerusalema, ke motshwana, empa ke motle jwaloka ditente tsa Kedare, jwaloka dilepello tsa tente ya Salomone.


Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.


Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.


Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.


Hlong le fele le etele dihlekehlekeng tsa Kittime, le tadime; romelang Kedare, le lemohe hantle, le tadime ha taba e jwalo e se e kile ya eba teng.


Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.


Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos