Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.
Jeremia 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) o tswele kgohlong ya mora Hinnome e pela monyako wa Mangeta, o bolele teng mantswe ao ke tla o bolella wona; BIBELE O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona, |
Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.
A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.
A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.
Kapele ho bona, Tsadoke, mora Immere, a lokisa maloka le ntlo ya hae; kapele ho eo, ha lokisa Shemaia, mora Shekania, molebedi wa monyako wa botjhabatsatsi.
Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.
Jehova a re ho nna: O ke o tumise mantswe ana kaofela metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: Mamelang mantswe a selekane sena, le nne le a etse.
Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.
Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.
Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.
Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.
Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, mme teng o tumise ditaba tseo ke o bolellang tsona.
Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.
Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.