Jeremia 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla. Ver CapítuloBIBELE12 Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle. Ver Capítulo |
Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.