Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:12 - BIBELE

12 Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:12
45 Referencias Cruzadas  

Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Hesekiya, mora wa Akase, kgosi ya Juda, o ne a qale ho busa ka selemo sa boraro sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele.


Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.


Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.”


Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona,


Morena o na le kutlwelobohloko, Morena o mosa; o dieha ho halefa, o tletse mohau.


Ha a re tsekise hoyahoile; ha a re jare ka pelo kamehla yohle.


Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau.


Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: ‘Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang.


Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.


Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”


Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’ Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.”


Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


“Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno.


Ke tla a tlisa a etswa naheng e ka leboya, ke a phuthe ho tloha pheletsong tsa lefatshe, ke phuthe difofu ke be ke phuthe dihlotsa, le basadi ba baimana ba kgatheng la ho beleha, ba kgutlele kwano e le letshwelehadi.


ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;


“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.’


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


“ ‘Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.


‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.


lona le bana ba lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le tla mamela lentswe la hae ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, ho latela tsohle tseo ke le laetseng tsona kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos