Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
Jeremia 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang? BIBELE “Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang? |
Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.
Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Jehova, o se ke wa fellwa ke pelo ha o otlwa ke yena.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.
Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!
Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.
Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?
Bonang, jwalokaha tau e nyoloha mahlakeng a Jordane, o nyolohela leaho le thata; ke tla ba balehisa ho lona kapele, mme eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?
Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)
Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;